Semphete wena ea ratehang

 


Semphete wena ya ratehang
Mmoloki waka
Ha ontse o sitsa ba bang
Semphete le nna


Ref
Jesu, Jesu, ke ya o rapela,
Ha o ntse o sitsa ba bang,
Se mphete le ‘na.


Ke ka ho hlomoha pelo
Ke tlang ho wena;
Ha o hauhela batho,
Nkhauhele le ‘na.


Na ke ne ke tla tshepa mang,
Ha e se wena?
Ha o nts’u fodisa ba bang,
Mphodise le ‘na.


Ha ke na se o khahlisang,
Ke mofutsana;
‘Me ha o sa khese ba bang,
se nkhese le ‘na.


Jesu, na nka phelela mang,
Ha e se wena?
A lerato le lekaakang;
U nchoetse le ‘na!


Tsohle tsee ke di thabelang
Di tswa ho wena;
ruri, ha o rata ba bang,
Wa nthata le ‘na.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *